SEJAKE

Clan Praise(s)

  • Motaung ba Rapuleng Ba rothodi la pele Ba ha Sejake Botho ba Rapuleng Ba rothodi la pele Khuba khuba ea mamatshoha fetshe Ea matsoha ka fapha la monna Fapha la marumo le thata le popota Ke batho ba Mmusetsi oa bo Thulo Bare ha e hate ka maro nyamatsana Phofolo e tshajoang ke bana le bo mmabona Tau monna o habilene kae? Ha o kene sekgoa ka lehare? O tla ja di phokojoe re tla ja'ng? Tshehlana mathela ka tlung o itlhatswe Re sentse re fetela pele E tle e re ha re fihla kgotla o hlahise lengoele Hore banna batle ba tsebe ho bua ditaba Ba re ke sewa sa matshosa Ramokgoahle, Ramathibela Tau! Sebata!

Surnames